St Monica Thabang Le Nyakalle

preview_player
Показать описание

Рекомендации по теме
Комментарии
Автор

Thabang le nyakalle, ba lehodimo,
Le thabele baetsadibe;
Ke ba tsoang lefifing, ba tsoa timelong,
Ba thabeleng, ba phonyohile.
Bokang, le rorise Modimo,
Bokang le lerato la Jesu;
Tumisang ka pina tsa kgalalelo
Mohlolo ona wa mohau.

Thabang le nyakalle, ba lehodimong,
Baphaphathehi ba kgutlile;
Ba tla ba fokotse, ba tla ka dihlong,
Le teng, thabang, ha ba fihlile.
Bokang le rorise Modimo ...

Thabang le nyakalle, ba lehodimong,
Ho fentse lerato la Jesu;
Baikgohomosi ba tlile kgotsong,
Ba mo ananetse ka pelo.
Bokang le rorise Modimo ...

kagisotshabalala